1. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;
2. ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3. O ithorisetsang ka bobe,wena ya sehloho?Tseba, mohau wa Modimoke wa kamehla yohle.
4. O ntse o rera ho timetsa ba bang,leleme la hao le ka lehare le bohale,wena ya etsang bolotsana.
5. O rata bobe ho ena le botle,le leshano ho ena le nnete.