BIBELE

Dipesalema 51:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,

2. mohla moporofeta Nathane a tlileng ho yena, hoba Davida a etse bohlola le Batesheba.

3. Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,ho ya ka boholo ba lerato la haoako hlakole melato ya ka.

4. Ntlhatswisise bokgopo ba ka,o ntlhwekise sebe sa ka;

5. hobane ke tseba melato ya ka,ke hopola sebe sa ka kamehla.

6. Ke sitetswe wena, wena o inotshi,ke entse bobe mahlong a hao.Ho loka ha haoho tla bonahala ha o ahlola,le ho hloka kodi ha haoha o diha nyewe.

7. Ruri ke bile ya sa lokangho tloha tswalong ya ka,ke bile moetsadibeho tloha popelong ya mme.

8. Athe wena o thabela botshepehi,botshepehi moyeng wa motho,o nthuta bohlalebotebong ba pelo ya ka.

9. Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke;o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu,ke be mosweu ho feta lehlwa.

10. Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo,ke utlwe le mehoo ya nyakallo,ditho tsa ka di tle di hlasimolohe,ditho tseo o di robileng.