BIBELE

Dipesalema 50:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. O bitsa mahodimo le lefatsheho tla kahlolong ya setjhaba sa hae.

5. O re: “Bokellang batshepuwa ba ka,le ba bokelle kapele ho nna,e leng ba entseng selekane le nnaba se entseng ka mahlabelo.”

6. Mahodimo a bolela ho loka ha hae,kaha Modimo ke yena moahlodi.

7. “Mamelang, lona setjhaba sa ka,mme ke tla bua;wena Iseraele, ke tla o qosa.Ke nna Modimo, Modimo wa hao.

8. Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao,hobane ha o kgaotseho nnyehella ka ditjheso.

9. Nke ke ka amohela pohoya saka la hao,leha e le phookoya mohlape wa hao;

10. hobane dibatana tsohle tsa meruke tsa ka,le tsona diphoofolotse diketekete dithabeng.

11. Ke tseba dinonyana tsohletse sepakapakeng,le dinyamatsane tsohle tsa nahake tsa ka.

12. Hoja ke ne ke lapile,ke ne ke sa tlo o bolella,hobane lefatshe ke la ka,le tsohle tse ho lona.