BIBELE

Dipesalema 50:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Empa ho ya kgopo Modimo o re:“O na le tokelo efeya ho bolela melao ya ka,kapa ho boledisa selekane sa ka,o se boledisa ka molomo wa hao,

17. athe o hloile ho kgalemelwa,o lahlile mantswe a ka ho hang?

18. Ha o bona leshodu,o so kgema le lona;o motswalle wa difebe.

19. O dumella molomo wa haoho bua tse mpe,leleme la hao le loha mano.

20. O duletse ho bua ngwaneno hampe;o silafatsa ngwana mmao.

21. Tsena o di entse;jwale o re nka kgutsa?O hopola hore ke tshwana le wena?Ke tla o kgalemela,ke totobatse tsohle mahlong a hao.

22. “Lona ba lebalang Modimo,le ke le lemohe tsena,esere ka le harola,mme la hloka ya le namolelang.

23. Ya nnyehellangka sehlabelo sa tebohoka sona o a ntlotlisa,ya tsamayang ka ho lokake tla mmontshakamoo Modimo a pholosang kateng.”