BIBELE

Dipesalema 50:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Asafo.Modimo ya matla wohle, Morena,o buile, o bitsa lefatshe lohleho tloha botjhabelaho isa bophirimela.

2. Modimo o kganya a le Sione,motseng o motlemotle.

3. Modimo wa rona o a tla,a ke ke a hlola a kgutsa.Kepele ho yena ke mollo,mollo o tjhesang lore!Sefefo se matla se mo teetse hare.

4. O bitsa mahodimo le lefatsheho tla kahlolong ya setjhaba sa hae.

5. O re: “Bokellang batshepuwa ba ka,le ba bokelle kapele ho nna,e leng ba entseng selekane le nnaba se entseng ka mahlabelo.”

6. Mahodimo a bolela ho loka ha hae,kaha Modimo ke yena moahlodi.

7. “Mamelang, lona setjhaba sa ka,mme ke tla bua;wena Iseraele, ke tla o qosa.Ke nna Modimo, Modimo wa hao.

8. Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao,hobane ha o kgaotseho nnyehella ka ditjheso.

9. Nke ke ka amohela pohoya saka la hao,leha e le phookoya mohlape wa hao;

10. hobane dibatana tsohle tsa meruke tsa ka,le tsona diphoofolotse diketekete dithabeng.