BIBELE

Dipesalema 5:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.

2. Oho, Morena,ako sekehele mantswe a ka tsebe,o mamele mefehelo ya ka.

3. Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka,ako utlwe ha ke llela thuso.Ke rapela wena Morena,

4. hoseng o utlwa sello sa ka;hoseng ke lokisa sehlabelo,mme ke lebella karabelo ya hao.

5. O Modimo ya sa thabeleng bokgopo;motho e mobeo ke ke wa mo amohela.

6. Baikgohomosi ba ke ke ba emapela sefahleho sa hao;o hloile bohleba etsang tse sa lokang.

7. O timetsa ba leshano;Morena o nyonya babolaile bathetsi.

8. Empa nna nka kena tlung ya hao,ka baka la boholo ba mohau wa hao.Ke tla o kgumamela ka tshabo,ka Tempeleng ya hao e halalelang.

9. Morena, ako ntataiseka ho loka ha hao,ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng.Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.

10. Melomong ya dira tsa kaha ho nnete e tswang,dipelong tsa tsona di rera ho timetsa,mmetso ya tsonake lebitla le ahlameng,maleme a tsona a monate.

11. Modimo, di ahlolelemolato wa tsona,di we ka baka la merero ya tsona.Di lelekeka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata,hobane di o teletse.