BIBELE

Dipesalema 49:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Mabitla a bonake matlo a bona a mehla yohle,ke leaho la bonaho isa melokong yohle,le hoja dinaha di reeletswe ka bona.

13. Motho ya phelelang leruoo hloka kelello,o tshwana le diphoofolo tse shwang.

14. Ena ke yona tsela ya ba itshepileng,ke pheletso ya ba kgotsofetseng,ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.

15. Ba kgannelwa Nqalong ya Bafujwaloka dinku;lefu e tla ba modisa wa bona.Ba tla theohela lebitleng,sebopeho sa bona se tla senyeha;Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.

16. Empa Modimo o tla ntopolla,a nntshe diatleng tsa lefu.

17. O se ke wa tshohaleha motho a ka rua,mme matlotlo a ntlo ya haea eketseha;

18. hobane mohla a shwanga ke ke a nka letho,matlotlo a haea ke ke a mo sala morao.

19. Le hoja ha a sa phela,a ne a ikuka a le lehlohonolo,kapa a ne a rorisetswakatleho ya hae,

20. o tla be a yo fihlamolokong wa bo-ntatae,ba ke keng ba hlola ba bona lesedi.

21. Motho ya phelelang leruoo hloka kelello,o tshwana le diphoofolo tse shwang.