BIBELE

Dipesalema 48:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

2. Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolomotseng wa Modimo wa rona,thabeng ya hae e a halalelang.

3. Thaba ya Sione e a kgahleha,e kgahleha ka bophahamo ba yona,e thabisa lefatshe lohle;e ka leboyaho motse wa Kgosi e kgolo.

4. Modimo o teng matlung a bokgosi,matlung a bokgosi a motse oo,yena o tsejwa e le qhobosheane.

5. Bonang, dikgosi di ile tsa kopana,tsa o futuhela di le mmoho.

6. Tsa o bona, mme tsa hlollwa;tsa ferekana, mme tsa baleha.

7. Tsa tshwarwa ke thothomelo,ya di tshwara hona moo,le bohloko bo kang ba pelehi;