BIBELE

Dipesalema 46:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.

2. Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;ke thuso e teng kamehla,thuso matshwenyehong.

3. Ka baka leo, re ke ke ra tshaba,leha lefatshe le ka reketla,le dithaba tsa sisinyehabotebong ba lewatle;

4. leha metsi a lona a ka befa,a tlokoma mafilo,dithaba tsa reketliswake ho tuduana ha wona.

5. Noka e teng eo makala a yonaa thabisang motse wa Modimo,leaho le halalelangla Ya Hodimodimo.

6. Modimo o bohareng ba motse oo,o ke ke wa sisinyeha;Modimo o tla o thusaha mafube a hlaha.

7. Ditjhaba di a befa,mebuso e a sisinyeha;ha a kgaruma,lefatshe le a qhibidiha.

8. Morena wa mabotho o na le rona,Modimo wa Jakoboke qhobosheane ya rona.