BIBELE

Dipesalema 42:3-6 BIBELE (SSO89SO)

3. Moya wa ka o nyoretswe Modimo,o nyoretswe Modimo ya phelang:Ke tla ya neng,ke yo hlaha kapela Modimo?

4. Ke phela ka dikgaphamotsheare le bosiu,ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna:“O kae Modimo wa hao?”

5. Moya wa ka o a qhashoha,o qhashoha ha ke hopola tsena:Ke ne ke tsamaya mokolokong,ke o eteletse pele,ho ya tlung ya Modimohara mehoo ya thabo le ya teboho,ha matshwele a eya moketeng.

6. Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?Tshepa Modimo.Ke sa tla nne ke mmoke,yena mopholosi wa kale Modimo wa ka.