BIBELE

Dipesalema 42:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Jwalokaha kgamae labalabela metsi a melatswana,le wona moya wa kao o labalabela jwalo,o labalabela wena Modimo.

3. Moya wa ka o nyoretswe Modimo,o nyoretswe Modimo ya phelang:Ke tla ya neng,ke yo hlaha kapela Modimo?

4. Ke phela ka dikgaphamotsheare le bosiu,ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna:“O kae Modimo wa hao?”

5. Moya wa ka o a qhashoha,o qhashoha ha ke hopola tsena:Ke ne ke tsamaya mokolokong,ke o eteletse pele,ho ya tlung ya Modimohara mehoo ya thabo le ya teboho,ha matshwele a eya moketeng.

6. Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?Tshepa Modimo.Ke sa tla nne ke mmoke,yena mopholosi wa kale Modimo wa ka.

7. Moya wa ka o nyahame;ke kahoo ke o hopolang Modimo,ke le naheng ya Jorodane,le thabeng tsa Heremone,le thabaneng ya Misare.

8. Bodiba bo arabela bodibaka ho hwasa ha diphororo tsa hao,maqhubu le merallo yohle ya haoe fetile hodima ka.