BIBELE

Dipesalema 41:2-13 BIBELE (SSO89SO)

2. Ho lehlohonoloya hlokomelang mofutsana;Morena o tla mo lopolla,a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.

3. Morena o tla mo sireletsa,a mo phedise hamonate lefatsheng;a ke ke a tlohella dira tsa haeho etsa borata ka yena.

4. Morena o tla mo thusadiphateng tsa lefu,a nne a fetole diphate tsa hae,a di fetole ha a ntse a kula.

5. Ha e le nna ke ile ka re:“Morena, nkgauhele,mphodise hobane ke o sitetswe.”

6. Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re:“O tla shwa neng,lebitso la hae le tswe le fela?”

7. Ha motho a tlilo mpona,o bua mafeela,pelo ya hae e rwalla tse mpe,tseo etlare hoba a tswe,a tsamaye a di hasanya.

8. Bohle ba ntlhoilengba bokanela ho ntsheba,ba ntherela bomadimabe.

9. Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe,o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”

10. Esita le motswallewa hlooho ya kgomo,eo ke ntshanang se inong le yena,o nthahile ka serethe.

11. Empa wena Morena,ako nkgauhele, o ntsose,ke tle ke ba buseletse.

12. Ka hona ke tla tsebahore o kgahlwa ke nna,ha sera sa kase se se sa ithorisetse nna.

13. O tla mpoloka ke se na kodi,o mpee kapela hao kamehla.