BIBELE

Dipesalema 40:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Morena, o se ke wa ntimalerato la hao,mohau wa hao le nnete ya haodi nne di mpoloke ka mehla yohle.

13. Ke aparetswe ke ditlokotsi,tlokotsi tse ke keng tsa balwa,melato ya ka e ntshwere,e ntshwerehoo ke sitwang le ho sheba,e mengataho feta qoba tsa moriri wa ka,pelo ya ka e nyahame.

14. Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena;Morena, phakisa o nthuse.

15. Ba batlang ho timetsa bophelo ba kaba ke ba hlajwe ke dihlong,ba ferekane kaofela.Ba ntakaletsang bobeba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.

16. Ba ke ba swabe haholoka baka la ho tlontloloha ha bona,bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!”

17. Bohle ba o batlangba ke ba nyakalle,ba o thabele.Ba ratang ho pholoswa ke wena,ba nne ba re: “Morena o moholo!”

18. Ha e le nnake mohlophehi le mofutsana,empa Morena o a nkgopola.Ke wena mothusi le molopolli wa ka;Modimo wa ka, se diehe.