BIBELE

Dipesalema 40:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Ke ile ka lebella Morenaka mamello;a retelehela ho nna,a mamela sello sa ka.

3. A nnyolla mokoting wa timelo,tebetebeng ya seretse,a nkemisa hodima lefika,a tiisa mehato ya ka.

4. A etsa hore ke bine sefela se setjha,se rorisang Modimo wa rona.Ba bangata ha ba bona hona,ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe.

5. Ho lehlohonolo motho ya tshepang,ya beileng tshepo ya hae ho Morena,ya sa kgemeng le baikakasi,le ba kgeloswang ke mashano.

6. Morena Modimo wa ka,o re etseditse tse kgolo,e leng mesebetsi ya haoe makatsang,le merero ya haoe makatsang;ha ho ya ka lekanngwang le wena.Ha nka rata ho e bolelale ho e phatlalatsa,e mengata hoo e ke keng ya balwa.