BIBELE

Dipesalema 4:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Tsebang hore Morenao etsetsa motshepuwa wa haetse hlollang,Morena o a mmamelaha ke ipiletsa ho yena.

5. Tshabang Modimo,le se hlole le etsa sebe;tholang, mme le thuise tsenaka dipelong,le di thuise ha le le diphateng.

6. Nyehelang ka mahlabeloka mokgwa o lokelang,le nyehele ka wona,le tshepe Morena.

7. Ba bangata ba re:“Re tla fumantshwa lehlohonoloke mang?”Oho, Morena,re phuthollele sefahleho sa hao.

8. O thabisitse pelo ya kaho feta mohla bathoba atetsweng ke koro le veine.

9. Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,hobane Morena ke wena feela,ke wena feelaya ntshireletsang kahohle.