BIBELE

Dipesalema 39:7-14 BIBELE (SSO89SO)

7. “Motho ya tsamayango ka seriti feela,maruo ao a ipokellelang wonake lefeela;ha a tsebehore na a tla sebediswa ke mang.”

8. Jwale, Morena,ekaba ke sa lebeletseng?Tshepo ya ka e ho wena.

9. Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle,se nketse sesomo ho dithoto.

10. Ke jwaloka semumu, ha ke na puo,hobane ke wena ya sebetsang.

11. Mphemise dikotlo tsa hao,letsoho la hao le nqetile.

12. O kgalemela motho ka ho mo otla,ka ho mo otlela melato ya hae,o fedisa seo a se ratangjwalokaha eka se jewa ke tshwele.Ruri motho ke lefeela.

13. Morena, ako utlwe thapelo ya ka,o sekehele thapedi ya ka tsebe,o se hane ho mamela sello sa ka.Ke mojaki naheng ya hao,ke mofeti jwaloka bo-ntate.

14. Se ntjamele, ke tle ke thabe,ke eso ikele, mme ka ba siyo.