BIBELE

Dipesalema 37:8-23 BIBELE (SSO89SO)

8. Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale;o se ke wa itlhonamisa,esere wa etsa bobe.

9. Ba etsang bokgopo ba tla fediswa;empa ba tshepang Morenalefatshe e tla ba lefa la bona.

10. Ho se ho se hokae:Ya kgopo o tla be a nyametse;leha o tadima tulong tsa hae,o tla be a le siyo.

11. Ba ikokobetsang,lefatshe e tla ba lefa la bona,ba thabele kgotso e phethehileng.

12. Ya kgopo o rera ya lokileng,o mo tsikitlanyetsa meno;

13. empa Morena o tsheha ya kgopo,hobane o bona horetsatsi la hae le a tla.

14. Ba kgopoba tsomula sabole tsa bona,ba hula diqha tsa bona,ho fula bahlophehi le mafutsana,ho bolaya ba metsamao e metle.

15. Sabole tsa bonadi tla ba hlaba dipelo,diqha tsa bona di tla robeha.

16. Sejosenyane sa ya lokilengse molemoho ena le kgora ya ya kgopo;

17. hobane matla a ya kgopoa tla fediswa,athe Morena o tshehetsa ya lokileng.

18. Morena o tseba ditshiutsa ba hlokang kodi,lefa la bona e tla ba le sa feleng.

19. Ba ke ke ba hlajwa ke dihlongnakong tse mpe,matsatsing a tlala ba tla kgora.

20. Empa ba kgopo ba tla timela;bao e leng dira tsa Morenaba tla fela jwaloka botle ba makgulo,ba nyamele jwaloka mosi.

21. Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;ya lokileng o na le mohau, o a fana.

22. Bao Morena a ba hlohonolofaditsenglefatshe e tla ba lefa la bona;bao a ba rohakileng ba tla fediswa.

23. Morena ke yenaya tiisang mehato ya batho,mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.