BIBELE

Dipesalema 37:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. O tla etsahore ho loka ha hao ho kganye,ho kganye jwaloka lesedi,le ditokelo tsa haodi kganye jwaloka letsatsi,motsheare o moholo.

7. Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisaka eo tsohle di mo atlang,e lengya phethang merero e kgopo.

8. Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale;o se ke wa itlhonamisa,esere wa etsa bobe.

9. Ba etsang bokgopo ba tla fediswa;empa ba tshepang Morenalefatshe e tla ba lefa la bona.

10. Ho se ho se hokae:Ya kgopo o tla be a nyametse;leha o tadima tulong tsa hae,o tla be a le siyo.

11. Ba ikokobetsang,lefatshe e tla ba lefa la bona,ba thabele kgotso e phethehileng.

12. Ya kgopo o rera ya lokileng,o mo tsikitlanyetsa meno;