BIBELE

Dipesalema 37:21-36 BIBELE (SSO89SO)

21. Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;ya lokileng o na le mohau, o a fana.

22. Bao Morena a ba hlohonolofaditsenglefatshe e tla ba lefa la bona;bao a ba rohakileng ba tla fediswa.

23. Morena ke yenaya tiisang mehato ya batho,mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.

24. Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri,hobane Morenao ba nenesa ka letsoho.

25. Nkile ka ba motjha,kajeno ke tsofetse,empa ha ke eso boneya lokileng a lahlilwe,le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.

26. Kamehla ya lokileng o mohau,o a adimana,mme ditloholo tsa haeke tlhohonolofatso.

27. Furalla bobe, o etse botle,o tle o be le leaho kamehla.

28. Morena o rata ho loka,mme a ke kea furalla batshepuwa ba hae.Ba kgopo ba tla timella ruri,ditloholo tsa bona di tla fediswa.

29. Ba lokilenglefatshe e tla ba lefa la bona,ba phele ho lona kamehla le mehla.

30. Molomo wa ya lokilengo bolela tsa bohlale,leleme la hae le bua tsa ho loka.

31. Molao wa Modimo wa haeo ka pelong ya hae,maoto a hae ha a thelle.

32. Ya kgopo o laletse ya lokileng,o batla ho mmolaya.

33. Morena a ke kea mo tlohella matsohong a eo,Morena a ke kea dumela hore a ahlolwe,a fumanwe a le molato,ha a qoswa.

34. Tshepa Morena,o tiye tseleng ya hae;o tla o phahamisa,lefatshe e tle e be lefa la hao,mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.

35. Ke bone motho ya kgopo,motho wa mohatelli,a atleha sa fate sa leholela;

36. ka boela ka feta,ka bona a se a le siyo;ka mmatla,a se ke a hlola a fumanwa.