BIBELE

Dipesalema 37:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Morena o tseba ditshiutsa ba hlokang kodi,lefa la bona e tla ba le sa feleng.

19. Ba ke ke ba hlajwa ke dihlongnakong tse mpe,matsatsing a tlala ba tla kgora.

20. Empa ba kgopo ba tla timela;bao e leng dira tsa Morenaba tla fela jwaloka botle ba makgulo,ba nyamele jwaloka mosi.

21. Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;ya lokileng o na le mohau, o a fana.

22. Bao Morena a ba hlohonolofaditsenglefatshe e tla ba lefa la bona;bao a ba rohakileng ba tla fediswa.

23. Morena ke yenaya tiisang mehato ya batho,mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.

24. Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri,hobane Morenao ba nenesa ka letsoho.

25. Nkile ka ba motjha,kajeno ke tsofetse,empa ha ke eso boneya lokileng a lahlilwe,le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.

26. Kamehla ya lokileng o mohau,o a adimana,mme ditloholo tsa haeke tlhohonolofatso.

27. Furalla bobe, o etse botle,o tle o be le leaho kamehla.