BIBELE

Dipesalema 37:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.O se ke wa itlhonamisaka ba etsang bokgopo,o se ke wa honohelaba etsang tse sa lokang.

2. Ba tla omella kapele jwaloka jwang,ba tla pona jwaloka ditlama,ditlama tse talana.

3. Tshepa Morena, o etse botle,o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.

4. Thabela Morena,mme o tla o nea tse lakatswangke pelo ya hao.

5. Ipee matsohong a Morena;o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.

6. O tla etsahore ho loka ha hao ho kganye,ho kganye jwaloka lesedi,le ditokelo tsa haodi kganye jwaloka letsatsi,motsheare o moholo.

7. Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisaka eo tsohle di mo atlang,e lengya phethang merero e kgopo.

8. Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale;o se ke wa itlhonamisa,esere wa etsa bobe.

9. Ba etsang bokgopo ba tla fediswa;empa ba tshepang Morenalefatshe e tla ba lefa la bona.

10. Ho se ho se hokae:Ya kgopo o tla be a nyametse;leha o tadima tulong tsa hae,o tla be a le siyo.

11. Ba ikokobetsang,lefatshe e tla ba lefa la bona,ba thabele kgotso e phethehileng.

12. Ya kgopo o rera ya lokileng,o mo tsikitlanyetsa meno;

13. empa Morena o tsheha ya kgopo,hobane o bona horetsatsi la hae le a tla.

14. Ba kgopoba tsomula sabole tsa bona,ba hula diqha tsa bona,ho fula bahlophehi le mafutsana,ho bolaya ba metsamao e metle.

15. Sabole tsa bonadi tla ba hlaba dipelo,diqha tsa bona di tla robeha.