BIBELE

Dipesalema 36:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. O rera bokgopoa ntse a le phateng tsa hae,o tsamaya tseleng e sa lokang,ha a kgese bobe.

6. Morena, mohau wa haoo fihla mahodimong,botshepehi ba haobo fihla marung,

7. ho loka ha haoho jwaloka thaba tse telele,dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,bodiba bo tebileng:Morena, o pholosa mothole yona phoofolo.

8. Modimo, mohau wa haoke wa bohlokwa hakaakang!Bana ba batho ba tshabela moriting,moriting wa mapheo a hao.

9. Ba kgora manoni a ntlo ya hao;o ba nwesa nokanengya menate ya hao.

10. Sediba sa bophelo se ho wena,mme ka sedi la hao re bona lesedi.