BIBELE

Dipesalema 36:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Mantswe a tswangmolomong wa hae,ke mantswe a mabe, a thetsang;o tlohetse bohlale leha e le botle.

5. O rera bokgopoa ntse a le phateng tsa hae,o tsamaya tseleng e sa lokang,ha a kgese bobe.

6. Morena, mohau wa haoo fihla mahodimong,botshepehi ba haobo fihla marung,

7. ho loka ha haoho jwaloka thaba tse telele,dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,bodiba bo tebileng:Morena, o pholosa mothole yona phoofolo.

8. Modimo, mohau wa haoke wa bohlokwa hakaakang!Bana ba batho ba tshabela moriting,moriting wa mapheo a hao.

9. Ba kgora manoni a ntlo ya hao;o ba nwesa nokanengya menate ya hao.

10. Sediba sa bophelo se ho wena,mme ka sedi la hao re bona lesedi.

11. O nne o be mohau ho ba o tsebang,o nne o sitse ba pelo di ntleka ho loka ha hao.

12. Moikgohomosia se bee leoto pela ka,letsoho la ya kgopo le se nteleke.