BIBELE

Dipesalema 35:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle,ha lengeloi la Morena le ba lelekisa.

7. Ba ntjhehile ka leraba ntle ho lebaka,ba ntjheketse lemena ntle ho lebaka.

8. Tlokotsi e ke e ba wele hodimo,e ba wele ka tsometso;ba ke ba tshwaswe ke lerabaleo ba le tjhehileng,ba wele lemenengleo ba le tjhekileng.

9. Jwale nna ke tla thabela Morena,ke nyakallele ho pholoswa ke yena.

10. Masapo a ka wohle a tla re:“Morena, ke mang ya kang wena,wena molopolli wa mohlophehiho ya mo fetang ka matla,le wa mohlophehi le mofutsana,ho ya mo tlatlapang?”

11. Dipaki tse kgopo di eme lepaketla,di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.

12. Batho ba mputsa ka bobebakeng sa botle,moya wa ka o qetwa ke bodutu.

13. Empa ha ba ne ba kula,nna ke ile ka apara tse mahwashe,ka itlhokofatsa ka ho itima dijo,ka ba rapella ke sa kgaotse,

14. jwalokaha eka ke rapella motswalle,kapa ke rapella ngwaneso.Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile,jwaloka ya llelang mmae.

15. Ha ke ewa, ba a thaba,ba a mpokanela;ba mpokaneleka mokgwa wa tsometso,ba nkotle ba sa kgaotse.

16. Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma,ba ntsikitlanyetsa meno.

17. Morena, o tla shebella hooho fihlela neng?Pholosa bophelo ba kabataneng tse purumang;ke bona feela,bo pholose taung tsena.