BIBELE

Dipesalema 35:16-28 BIBELE (SSO89SO)

16. Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma,ba ntsikitlanyetsa meno.

17. Morena, o tla shebella hooho fihlela neng?Pholosa bophelo ba kabataneng tse purumang;ke bona feela,bo pholose taung tsena.

18. Ke tla o boka phuthehong e kgolo,e o rorise hara letshwelehadi.

19. Ba itshemmeng bora ho nnaba se ithabise ka nna,ba ntlhoileng ntle ho lebakaba se nnyemotse;

20. hobane ha ba bue tsa kgotso,empa batho ba kgotso,ba fatshe lena,ba ba lohela mano.

21. Ba nkahlamiseditse melomo, ba re:“Aha! Aha! Re o bone!”

22. Ke wena Morena, ya boneng;se kgutse!Morena, o se ke wa ba hole le nna.

23. Phaphama, tsoha, o nkahlolele,lokisa nyewe ya ka,Modimo wa ka, Morena wa ka.

24. Nkahlolele ho ya ka toka ya hao,Morena Modimo wa ka,batho bao ba tle ba se keba ithabisa ka nna.

25. Ka dipelong tsa bona ba se re:“Aha! Re mo fumane!”Hape ba se re: “Re mo metsitse!”

26. Bao ba thabelang bobe ho nnaba ke ba hlajwe ke dihlong,ba ferekane mmoho;bao ba iphahamisetsang nnaba ke ba aparelwe ke dihlong,ba tlontlolohe.

27. Ba kgahlwang ke ho loka ha kaba ke ba thabe, ba etse ditlatse;kamehla ba re: “Morena o moholo,yena ya kgahlwang ke kgotso,kgotso ya mohlanka wa hae!”

28. Leleme la kale tla bolela ho loka ha hao,le o rorise ka matsatsi wohle.