BIBELE

Dipesalema 35:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. Batho ba mputsa ka bobebakeng sa botle,moya wa ka o qetwa ke bodutu.

13. Empa ha ba ne ba kula,nna ke ile ka apara tse mahwashe,ka itlhokofatsa ka ho itima dijo,ka ba rapella ke sa kgaotse,

14. jwalokaha eka ke rapella motswalle,kapa ke rapella ngwaneso.Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile,jwaloka ya llelang mmae.

15. Ha ke ewa, ba a thaba,ba a mpokanela;ba mpokaneleka mokgwa wa tsometso,ba nkotle ba sa kgaotse.

16. Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma,ba ntsikitlanyetsa meno.

17. Morena, o tla shebella hooho fihlela neng?Pholosa bophelo ba kabataneng tse purumang;ke bona feela,bo pholose taung tsena.

18. Ke tla o boka phuthehong e kgolo,e o rorise hara letshwelehadi.

19. Ba itshemmeng bora ho nnaba se ithabise ka nna,ba ntlhoileng ntle ho lebakaba se nnyemotse;