BIBELE

Dipesalema 34:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,ba ke ke ba hloka letho le molemo.

12. Tloong, bana ba ka, le mmamele,ke tla le ruta ho tshaba Morena.

13. Ke mang wa lonaya lakatsang ho phela,ya ratang ho bona matsatsi a thabo?

14. Tshwara leleme la haole se bue tse mpe,le molomo wa haoo se bue leshano.

15. Furalla bobe, o etse botle;batla kgotso, o e pheelle.

16. Morena o beile leihlo la haeho ba lokileng,o sekehetse sello sa bona tsebe.

17. Sefahleho sa Morena se sosobane,se sosobanetse ba etsang bobe,hore a ba hlakole lefatsheng,ba se hlole ba hopolwa.

18. Ha ba lokileng ba lla,Morena o a ba utlwa;o ba lopollamatshwenyehong wohle a bona.

19. Morena o haufile ba feletsweng ke tshepo,o pholosa ba meya e tetebetseng.

20. Mahlomola a ya lokileng a mangata,empa Morena o mo lopollaho wona wohle.

21. O baballa masapo wohle a hae,ha ho le le leng la wonale tla robeha.

22. Bobe bo tla timetsa ya kgopo,ba hloileng ya lokilengba tla ahlolwa.