BIBELE

Dipesalema 34:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.

2. Ke tla boka Morena ka nako tsohle,ke nne ke mo rorise kamehla.

3. Ke ithorisa ka Morena,ba eisehang ba ke ba utlwe,mme ba thabe.

4. A re tlotliseng Morena re le mmoho,a re phafeng lebitso la hae,re le phafe hammoho.

5. Ke ile ka batla Morena,mme a nkaraba,a ntopolla matswalong wohle a ka.

6. Ba tadimang ho yenaba kganya kgotso,mahlong a bona dihlong ha di yo.

7. Motho wa bathoha a ipiletsa ho Morena,Morena o a mo utlwa,o mo pholosamatshwenyehong wohle a hae.

8. Lengeloi la Morenale sireletsa kamahohleba mo tshabang,mme le a ba namolela.

9. Latswang, le utlwemolemo wa Morena!Ho lehlohonolo mothoya tshabelang ho yena.

10. Tshabang Morena,lona bahalaledi ba hae,hobane ba mo tshabangha ba hloke letho.

11. Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,ba ke ke ba hloka letho le molemo.

12. Tloong, bana ba ka, le mmamele,ke tla le ruta ho tshaba Morena.