BIBELE

Dipesalema 33:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke yena ya bopileng pelo tsa bona,ya tsebang mesebetsiyohle ya bona.

16. Kgosi ha e ke a fenye,ha e ke e fenyeka baka la dimphihadi tsa yona,mohale ha a ke a hlole,ha a ke a hloleka baka la bonatlahadi ba hae.

17. Ke lefeela ho tshepa ho pholoswake pere ya ntwa,e ke ke ya pholosa mothoka matlahadi a yona.

18. Morena o beile leihlo la haeho ba mo tshabang,bona ba tshepileng mohau wa hae,

19. e le hore a tle a ba lopolle lefung,le ho ba phedisa nakong ya tlala.

20. Meya ya rona e lebeletse Morena,e leng yena thuso le thebe ya rona.

21. Pelo tsa rona di a mo thabela,re tshepile lebitso la hae le halalelang.

22. Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,hobane re tshepile wena.