BIBELE

Dipesalema 31:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. O hloile ba sebeletsangmedimo ya bohata,athe nna ke tshepile Morena.

8. Ke tla nyakalla,ke thabele mohau wa hao,hobane o bone ho hlopheha ha ka,wa lemoha matshwenyeho a ka;

9. ha o a ka wa nneella dira tsa ka,empa o ntsamaisa ka bolokolohi.

10. Nkgauhele Morena,hobane ke matshwenyehong;mahlo a ka a motela ke maswabi,esita le moya wa ka, le mmele wa ka.

11. Bophelo ba ka bo fedile,bo fedile ke mahlomola,dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa;matla a ka a fediswa ke ho hlopheha,le masapo a ka a kgathetse.

12. Nna ke sekgoboho dira tsa ka tsohle,haholoholoho bao ke ahisaneng le bona,ke koko ho metswalle ya ka,ba mponang ditseleng ba a mpaleha.

13. Ha ke sa hopolwa;jwalokaha eka ke mofu,ke tshwana le ntho e lahlilweng.

14. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata,ke tshoswa ka nqa tsohle;batho ba nkunuta ba le mmoho,ba rera ho fedisa bophelo ba ka.

15. Empa nna ke tshepile wena Morena,ke re: “O Modimo wa ka!”

16. Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.