20. Morena, molemo wa haoo mokaakang!O o boloketse ba o tshabang;pontsheng ya bana ba bathoo o etsetsa ba tshabelang ho wena.
21. O ba pata ho wena ka sebele,hole le merero e mebe ya batho;o ba sireletsa motlotlwaneng wa hao,hole le maleme a jalang diqabang.
22. Ho bokwe Morenaya mpontshitseng mohau,ya mpontshitseng mohau o hlollang,ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.
23. Matswalong a ka, ka re:“O ntahletsehole le sefahleho sa hao.”Empa wa utlwa thapedi ya ka,ha ke ne ke o llela.
24. Ratang Morena,lona batshepuwa bohle ba hae;Morena o baballa ba tshepahalang;baikgohomosi bonao ba nea se ba lokelang.
25. Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.