BIBELE

Dipesalema 31:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Empa nna ke tshepile wena Morena,ke re: “O Modimo wa ka!”

16. Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.

17. Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,sefahleho se kganyang kgotso,o mpholose ka mohau wa hao.

18. Morena, ha ke ipiletsa ho wenake se ke ka hlajwa ke dihlong,empa dihlongdi ke di hlabe ba kgopo,ba kgutsisweka ho theolelwa Nqalong ya Bafu.

19. Ba buang leshanoba fetohe dimumu,baikakasi banaba buang hampe ka ya lokileng,ba ikgohomosetsang yena,ba mo nyedise.

20. Morena, molemo wa haoo mokaakang!O o boloketse ba o tshabang;pontsheng ya bana ba bathoo o etsetsa ba tshabelang ho wena.

21. O ba pata ho wena ka sebele,hole le merero e mebe ya batho;o ba sireletsa motlotlwaneng wa hao,hole le maleme a jalang diqabang.

22. Ho bokwe Morenaya mpontshitseng mohau,ya mpontshitseng mohau o hlollang,ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.

23. Matswalong a ka, ka re:“O ntahletsehole le sefahleho sa hao.”Empa wa utlwa thapedi ya ka,ha ke ne ke o llela.

24. Ratang Morena,lona batshepuwa bohle ba hae;Morena o baballa ba tshepahalang;baikgohomosi bonao ba nea se ba lokelang.

25. Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.