BIBELE

Dipesalema 31:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Ke tshabela ho wena Morena;ke se ke ka hlajwa ke dihlongle ka mohla.Ako nnamoleleka baka la ho loka ha hao.

3. Ntshekehele tsebe,o potlakele ho ntopolla.O be lefikaleo ke tshabelang ho lona,qhobosheane e mpholosang.

4. Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;ntsamaise, o ntataiseka baka la lebitso la hao.

5. Mphemise lerabaleo ke le tjhehetsweng,hobane ke wena setshabelo sa ka.

6. Ke bea moya wa kamatsohong a hao;o ntopolotse Morena,Modimo ya tshepahalang.

7. O hloile ba sebeletsangmedimo ya bohata,athe nna ke tshepile Morena.

8. Ke tla nyakalla,ke thabele mohau wa hao,hobane o bone ho hlopheha ha ka,wa lemoha matshwenyeho a ka;

9. ha o a ka wa nneella dira tsa ka,empa o ntsamaisa ka bolokolohi.

10. Nkgauhele Morena,hobane ke matshwenyehong;mahlo a ka a motela ke maswabi,esita le moya wa ka, le mmele wa ka.

11. Bophelo ba ka bo fedile,bo fedile ke mahlomola,dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa;matla a ka a fediswa ke ho hlopheha,le masapo a ka a kgathetse.

12. Nna ke sekgoboho dira tsa ka tsohle,haholoholoho bao ke ahisaneng le bona,ke koko ho metswalle ya ka,ba mponang ditseleng ba a mpaleha.

13. Ha ke sa hopolwa;jwalokaha eka ke mofu,ke tshwana le ntho e lahlilweng.

14. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata,ke tshoswa ka nqa tsohle;batho ba nkunuta ba le mmoho,ba rera ho fedisa bophelo ba ka.