BIBELE

Dipesalema 27:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. Leha nka dikanelwa ke mara,nke ke ka tshoha letho;esita leha nka futuhelwa,le teng ke tla nne ke be le tshepo.

4. Ntho e le nngwe feelaeo ke e kopang,eo ke e batlang ho Morena,ke hore ke phele ka tlung ya Morenaka matsatsi wohle a bophelo ba ka,ke tle ke bohebokgabane ba Morena,ke bo nahanisiseke le ka Tempeleng ya hae.

5. Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa,a ntshireletsemotlotlwaneng wa hae,a mpate motsheo ho tente ya hae,a ntlhwesetsehodima lefika la pholoho.

6. Jwale ke tla phahameladira tsa ka tse ntikileng,ke tla etsa mohoo wa thaboha ke nyehela,ha ke nyehela ka mahlabeloka tenteng ya hae,ke bine, ke roke Morena.

7. Ako nkutlwe, Morena,ha ke ipiletsa ho wena;o nkgauhele, o nkarabe.

8. Pelo ya ka e lohotha wena, e re:“Batla fahleho sa hae.”Ruri ke batla fahleho sa hao,wena Morena.

9. O se mpatele fahleho sa hao;o se halefele mohlanka wa hao,wa mo leleka.Ke wena mothusi wa ka,o se ke wa ntebela;o se ke wa ntahla Modimo,mopholosi wa ka.