BIBELE

Dipesalema 26:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Nkahlolele Morena;metsamao ya ka ha e na kodi,ke a o tshepa, ha ke thekesele.

2. Ntlhahlobe, Morena,o nonye maikutlo a ka,hlahlobisisa moya wa kale pelo ya ka.

3. Ke hopola mohau wa hao kamehla,ke phela ho ya ka nnete ya hao.

4. Ha ke ahisane le batho ba leshano,ha ke kopane le baikaketsi.

5. Ke hloile mokgatlowa ba etsang bobe,nke ke ka ahisana le ba kgopo.

6. Ke hlapa matsohoho bontsha hore ha ke na molato,ke potapota aletare ya hao Morena,

7. ke ntse ke bina sefela sa teboho,mme ke bolela dimakatso tsa hao.

8. Morena, ke rata ntloeo o ahileng ho yona,e leng sebaka seo tlotla ya haoe dulang ho sona.

9. O se ke wa ntimetsammoho le baetsadibe,wa fedisa bophelo ba kammoho le ba bona,bona ba ratang ho tsholla madi,

10. bao matsoho a bonaa etsang tsa bolotsana,bao diatla tsa bonadi amohelang tjotjo.

11. Ha e le nna,metsamao ya ka ha e na kodi;ako ntopolle, o nkgauhele.

12. Maoto a ka a eme motsitseng;Morena, ke tla o boka diphuthehong.