BIBELE

Dipesalema 24:3-10 BIBELE (SSO89SO)

3. Ke mang ya ka nyolohelangthabeng ya Morena?Ke mang ya ka emangSehalalelong sa hae?

4. Ke ya matsoho a hlokang molato,ya pelo e hlwekileng,ya sa lakatseng mafeela,ya sa hlapanyetseng leshano.

5. O tla fumana lehlohonoloho Morena,le ho loka ho Modimo,mopholosi wa hae.

6. O jwalo molokowa ba batlang Modimo,ba ratang ho bona fahleho sa hao,wena Modimo wa Jakobo.

7. Lona menyako, bulehang!Ipuleng, lona menyakoya boholoholo,ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

8. Kgosi eo e tlotlehang ke mang?Ke Morena ya matla, wa mohale,Morena eo e leng mohale ntweng.

9. Lona menyako, bulehang!Ipuleng, lona menyakoya boholoholo,ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

10. Kgosi eo e tlotlehang ke mang?Ke Morena wa mabotho,ke yena Kgosi e tlotlehang.