BIBELE

Dipesalema 22:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. Modimo wa ka, Modimo wa ka,o ntahletseng?O hole le ho mpholosa,ha o utlwe ho dumaela ha ka.

3. Modimo wa ka,ke ipiletsa le motsheare,empa ha o nkarabe;ke howa le bosiu, ha ke kgutse.

4. Athe wena o a halelela,wena eo Iseraelea o binelang dithoko.

5. Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;ba o tshepa, mme wa ba namolela.

6. Ba nnile ba o llela,mme ba phonyoha;ba o tshepa,mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.

7. Empa nna ke seboko, ha ke motho;ke sekgobo ho bohle,ke nyediswa ke setjhaba.

8. Bohle ba mponang ba a ntshoma,ba nnyekoletsa melomo,ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:

9. “O tshepile Morena!A ke a mo lopolle,a mo pholose haeba a mo rata!”

10. Athe ke wenaya nntshitseng popelong ya mme,wa etsa hore mmea ntshike sefubeng sa hae;

11. ke abetswe wenaho tloha tswalong ya ka,o bile Modimo wa kake sa le popelong ya mme.

12. Se be hole le nna,hobane matshwenyeho a haufi,mme ha ho ya ka nthusang.

13. Dipohwana tse ngata di ntikile,dipoho tsa ditonana tsa Bashanedi mpokanetse;

14. dira di mpetletse meno,jwaloka tau tse purumang,tse harolang.

15. Ke jwaloka metsi a tsholohang,masapo a ka a tswenehile;pelo ya ka e jwaloka tshotso,e qhibidiha ka sefubeng sa ka;