BIBELE

Dipesalema 21:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Letsoho la hao, kgosi,le tla fihlela dira tsohle tsa hao,letsoho la hao le letonale tla fihlela bohle,bohle ba o hloileng;

10. hang ha o hlaha, o tla ba fedisa;o ba fediseeka ba ka seboping sa mollo.Morena o tla ba metsa ha a halefile,mollo o ba tjhese.

11. O tla hlakolabana ba bona lefatsheng,le ditloholo tsa bonahara bana ba batho.

12. Ha ba rera ho o etsetsa bobe,ha ba loha mano,ba ke ke ba atleha;

13. o tla etsa hore ba o supe ka direthe,o hule seqha sa hao ho ba fula.

14. Thusa, Morena, ka matla a hao!Re tla bina, re roke bonatla ba hao.