BIBELE

Dipesalema 21:4-13 BIBELE (SSO89SO)

4. O kgahlanyeditse kgosika mahlohonolo,wa e rwesa mofapahloohowa kgauta e hlwekisitsweng.

5. E kopile bophelo ho wena,mme o e file bona,wa e ekeletsa ditshiu,kamehla le mehla.

6. Tlotla ya yona e kgoloka thuso ya hao,o e apesitse kganya le hlompho.

7. O e neile mahlohonolo ho isa kgale,wa e thabisa haholoka boteng ba hao.

8. Kgosi e tshepile Morena,ka baka la mohauwa Ya Hodimodimo,e ke ke ya sisinngwa.

9. Letsoho la hao, kgosi,le tla fihlela dira tsohle tsa hao,letsoho la hao le letonale tla fihlela bohle,bohle ba o hloileng;

10. hang ha o hlaha, o tla ba fedisa;o ba fediseeka ba ka seboping sa mollo.Morena o tla ba metsa ha a halefile,mollo o ba tjhese.

11. O tla hlakolabana ba bona lefatsheng,le ditloholo tsa bonahara bana ba batho.

12. Ha ba rera ho o etsetsa bobe,ha ba loha mano,ba ke ke ba atleha;

13. o tla etsa hore ba o supe ka direthe,o hule seqha sa hao ho ba fula.