BIBELE

Dipesalema 2:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Ya dutseng teroneng, lehodimong,o a ba tsheha,Morena o a ba soma.

5. Jwale o bua le bona ka kgalefo,ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:

6. “Thabeng ya ka e halalelang,thabeng ya Sione,nna ke beile kgosi ya ka.”

7. Yona e re: “A nke ke phatlalatsetaelo ya Morena.“O itse ho nna: <O mora wa ka;kajeno ke o tswetse.

8. Nkope, ke tla o nea ditjhabae be lefa la hao,le lefatshe ka bophara ba lonae be leruo la hao.

9. O tla di busa ka lere la tshepe,o di pshatlejwaloka nkgo ya letsopa.> ”

10. Jwale he, halefang, lona dikgosi;eletsehang, lona babusi ba lefatshe.

11. Sebeletsang Morena ka tshabo,le itihele maotong a haeka thothomelo.

12. Ho seng jwalo o tla halefa,mme le timelle tseleng ya lona,hobane kgalefo ya haee phakisa ho tuka.Ho lehlohonolo bohleba tshabelang ho yena.