BIBELE

Dipesalema 18:40-51 BIBELE (SSO89SO)

40. O mmatlafaletsa ntwa,ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.

41. O etsa hore dira tsa kadi ntshupe ka direthe,ba ntlhoileng ke a ba timetsa.

42. Ba llela thuso, ba hloka mopholosi;ba llela Morena, ha a ba arabe.

43. Ke ba thumisa jwaloka lerole,lerole le fefolwang ke moya,ke ba hatakelajwaloka seretse se tseleng.

44. O nnamolelameferefereng ya setjhaba,o nketsa mmusi wa ditjhaba;ditjhaba di a ntshebeletsa,ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.

45. Hang ha di nkutlwadi a mmamela;di ipea tlasa puso ya kaha di mpona.

46. Ditjhaba di kgathala matla,di tswa di thothomelaqhobosheaneng tsa tsona.

47. Modimo o a phela!Ho bokwe Lefika la ka!Modimo, mopholosi wa ka,a ke a thoholetswe!

48. Modimo ya ntshitsangka diphetetso,ya beang ditjhaba tlasa ka.

49. O nnamolela direng tsa ka,o mphahamisetsa kahodimo,kahodimo ho ba ntwantshang,o nnamolela diatleng tsa ya sehloho.

50. Ka baka leo,ke tla o boka hara ditjhaba,ke roke lebitso la hao Morena,

51. wena ya neang kgosi ya hao,ya e neang tlholo e kgolo,ya bontshang mohauho motlotsuwa wa hao,ho Davida le ditloholo tsa haekamehla le mehla.