BIBELE

Dipesalema 17:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Thapelo ya Davida.Morena, ako utlwe thapedi ya ka,o mamele sello sa ka;o sekehele thapelo ya ka tsebe,hobane e tswa molomongo se nang mano.

2. A nke ke ahlolwe ke wena,mahlo a hao a bone seo e leng toka.

3. O hlahlobile pelo ya ka,wa ntlhwela le bosiu,wa nnonya,empa ha wa fumana letho le kgopo;ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.

4. Ho ya ka mantswea tswang molomong wa hao,ke qobile mekgwa ya dinokwane.

5. Mehato ya kae latetse mehlala ya hao,maoto a kaha a a ka a kgothometseha.

6. Nna ke ipiletsa ho wena Modimo,hobane o tla nkaraba;ntshekehele tsebe,o mamele lentswe la ka.

7. Ako bonahatse mohau wa hao,mohau o hlollang.Ba balehelang ka tsohong la haole letona,ke wena ya ba pholosangho ba ba tsohelang matla.

8. O mpaballejwaloka thaka ya leihlo la hao;o mpate moriting wa mapheo a hao,