BIBELE

Dipesalema 148:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Mo roriseng,lona mangeloi a hae kaofela,mo roriseng,lona mabotho a hae wohle.

3. Mo roriseng,lona letsatsi le kgwedi,mo roriseng,lona dinaledi tsohle tse phatsimang.

4. Mo roriseng,lona mahodimo a hodimodimo,le lona metsia kahodimo ho mahodimo.

5. Tsohle di ke di roriselebitso la Morena,hobane o ile a laela,mme tsa hloleha.

6. O entse hore di be tengkamehla le mehla,a di beela taeloeo di ke keng tsa e tlola.

7. Rorisang Morena,lona ba lefatsheng,lona dikganyapa tsa mawatlele tsa madiba wohle;

8. lona mollo le sefako,lehlwa le mohodi,moya wa sefefoo phethang taelo ya hae;

9. lona dithaba le maralla wohle,difate tsa ditholwanale tsa dikedare tsohle;

10. lona diphoofolo tsa nahale tsa hae tsohle,dihahabi le dinonyana tse fofang;

11. lona dikgosi tsa lefatshele lona merabe yohle,mahosana le baahlodi bohleba lefatshe;

12. lona bahlankana le lona barwetsana,maqheku le lona ba batjha.

13. Tsohle di roriselebitso la Morena;ke lona feelale lokelang ho tlotliswa,botlotlehi ba hae bo phahame,bo phahametse lefatshe,bo phahametse le mahodimo.

14. O tsositse setjhaba sa hae molota,ke seo batshepuwa ba haeba ithorisang ka sona,bana ba Iseraele,setjhaba se leng haufi le yena.Haleluja!