7. Ba tla etsa kgopotsoya molemo wa hao o moholo,ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.
8. Morena o mosa,o na le kutlwelobohloko,o dieha ho halefa,o tletse mohau.
9. Morena o molemo ho bohle,lerato la haele aparela mesebetsi yohle ya hae.
10. Morena, mesebetsi yohle ya haoe a o leboha,le batshepuwa ba hao ba a o boka;
11. ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.
12. Ba tsebisa batho bohlediketso tsa bonatla ba hao,le tlotla e kganyangya mmuso wa hao.
13. Mmuso wa haoke mmuso wa kamehla yohle,le puso ya haoke ya meloko yohle.Morena o tshepahaladipolelong tsohle tsa hae,o mohau mesebetsing yohle ya hae.
14. Morena o tshehetsa bohle ba wang,o phahamisa bohleba kgokgopaneng.
15. Mahlo a bohle a lebeletse wena,hore o ba fepe ka nako e lokelang.