BIBELE

Dipesalema 145:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida. Thoko.Ke tla o tumisa,wena Modimo wa kao leng Kgosi ya ka,ke boke lebitso la haokamehla le mehla.

2. Ke tla o bokaka letsatsi le leng le le leng,ke rorise lebitso la haokamehla le mehla.

3. Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,boholo ba hae ha bo fihlelwe.

4. Moloko ho isa molokong o mongo tlotlisa mesebetsi ya hao,o bonahatsa ketsotsa bonatla ba hao.

5. Batho ba tla bolelakganya ya tlotla ya hao,nna ke nahane dimakatso tsa hao.

6. Ba tla bolelamatla a ketso tsa hao tse tshabehang,nna ke phete tsa boholo ba hao.

7. Ba tla etsa kgopotsoya molemo wa hao o moholo,ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.

8. Morena o mosa,o na le kutlwelobohloko,o dieha ho halefa,o tletse mohau.

9. Morena o molemo ho bohle,lerato la haele aparela mesebetsi yohle ya hae.

10. Morena, mesebetsi yohle ya haoe a o leboha,le batshepuwa ba hao ba a o boka;

11. ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.

12. Ba tsebisa batho bohlediketso tsa bonatla ba hao,le tlotla e kganyangya mmuso wa hao.

13. Mmuso wa haoke mmuso wa kamehla yohle,le puso ya haoke ya meloko yohle.Morena o tshepahaladipolelong tsohle tsa hae,o mohau mesebetsing yohle ya hae.

14. Morena o tshehetsa bohle ba wang,o phahamisa bohleba kgokgopaneng.

15. Mahlo a bohle a lebeletse wena,hore o ba fepe ka nako e lokelang.