BIBELE

Dipesalema 143:8-12 BIBELE (SSO89SO)

8. Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,ke o tsebe e sa le hoseng,hobane ke o tshepile;mpontshe tselaeo nka tsamayang ka yona,hobane ke o rapelaka moya wa ka wohle.

9. Morena, ako nnamolele,o nnamolele direng tsa ka,hobane ke tshabetse ho wena.

10. Nthute ho phetha thato ya hao,hobane ke wena Modimo wa ka.Moya wa hao o motleo ke o ntsamaise,o ntsamaise tseleng e bataletseng.

11. Morena, o tla nnea bopheloka baka la lebitso la hao,o ntopolle matshwenyehongka baka la ho loka ha hao.

12. Ka baka la mohau wa hao ho nna,o tla timetsa dira tsa ka,o fedise bohle ba ntwantshang,hobane nna ke mohlanka wa hao.