BIBELE

Dipesalema 143:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Morena, ako utlwe thapelo ya ka,o sekehele thapedi ya ka tsebe;o nkarabeka baka la botshepehi ba hao,le ka baka la ho loka ha hao.

2. O se ke wa qosa mohlanka wa hao,hobane ho wenaha ho ya lokileng.

3. Sera se a ntelekisa,se nkgatakella fatshe,se mphedisa lefifingjwaloka ba shweleng kgalekgale.

4. Moya wa ka o imetswe,pelo ya ka e thethefetse,e thethefetse ka sefubeng sa ka.

5. Ke hopola ditshiu tsa boholoholo,ke lohotha diketso tsa hao tsohle,ke nahana mesebetsi,mesebetsi ya matsoho a hao.

6. Ke phahamisa matsoho a ka,ke a phahamisetsa ho wena,moya wa ka o o nyoretswejwaloka lefatshe le omeletseng.

7. Morena, ako nkarabe kapele;moya wa ka o a tepella.O se ke wa mpatelasefahleho sa hao,ke se ke ka tshwanale ba theohelang lebitleng.

8. Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,ke o tsebe e sa le hoseng,hobane ke o tshepile;mpontshe tselaeo nka tsamayang ka yona,hobane ke o rapelaka moya wa ka wohle.