BIBELE

Dipesalema 14:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.Ka pelong sethoto se re:“Ha ho na Modimo.”Diketso tsa batho di bodile,di a nyonyeha,ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

2. Morena, a le mahodimong,o tadima bana ba batho,ho bona hore na ho tengya utlwisisang,ya batlang Modimo.

3. Bohle ba kgelohile,ba senyehile kaofela;ha ho ya etsang tse ntle,ha ho le ya mong.

4. Na baa bohle ha ba na tsebo,baa ba etsang tse sa lokang,baa ba itjellang setjhaba sa ka,jwalokaha ba eja bohobe,ba sa ipiletse ho Morena?

5. Jwale ba tla tshoha haholo,ba tshohe,hobane Modimo o ka thekong,ya moloko o lokileng.

6. Lona le ka soma mereroya ya hlophehileng,empa Morena ke setshabelo sa hae.