BIBELE

Dipesalema 138:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Ha ke ne ke ipiletsa ho wenao ile wa nkaraba,wa matlafatsa moya wa ka.

4. Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshedi tla o boka,ha di utlwa mantswea tswang molomong wa hao.

5. Di tla rorisa ditsela tsa Morena,di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

6. Leha Morena a phahame hakaalo,o bona ba eisehang;ba ikgantshango ba tseba ba sa le hole.

7. Leha nka phela hara ditsietsi,wena o baballa bophelo ba ka;letsoho la haole ntshireletsa bohaleng,bohaleng ba dira tsa ka,letsoho la hao le letonale a mpholosa.

8. Morena o tla phethaseo a ntheretseng sona.Morena, mohau wa haoke wa kamehla yohle;o se lahlemosebetsi wa diatla tsa hao.