BIBELE

Dipesalema 138:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Morena, ke o bokaka pelo ya ka yohle,ke o roka pontsheng ya mangeloi.

2. Ke kgumama ke shebile Tempeleng,Tempeleng ya hao e halalelang,ke boka lebitso la haoka baka la mohau wa haole botshepehi ba hao;o tumisitse lebitso la haole tshepiso ya hao ho feta tsohle.

3. Ha ke ne ke ipiletsa ho wenao ile wa nkaraba,wa matlafatsa moya wa ka.

4. Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshedi tla o boka,ha di utlwa mantswea tswang molomong wa hao.

5. Di tla rorisa ditsela tsa Morena,di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

6. Leha Morena a phahame hakaalo,o bona ba eisehang;ba ikgantshango ba tseba ba sa le hole.